Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O a tseba hobane ntate Davida o sitilwe ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa hae, ntlo, ka baka la dintwa tse mo hlahetseng hohle, ha ba ha fihla nako eo Jehova a beileng dira tsa Davida tlasa maoto a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “O a tseba hore Davida, ntate, o ile a sitwa ho hahela Morena Modimo wa hae ntlo, ka baka la dira tse neng di mo futuhela kamahohle, ho fihlela ha Morena a entse hore a hlole dira tseo.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 5:3
17 Referencias Cruzadas  

leha ho le jwalo, hase wena ya tla haha ntlo; mora hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.


Empa lentswe la Jehova le tlile ho nna, la re: O tsholotse madi a mangata, mme o lwanne ntwa tse kgolo; ha o na ho hahela lebitso la ka ntlo, etswe o tsholotse madi a mangata lefatseheng pela ka.


Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha.


Empa Modimo wa re ho nna: O ke ke wa hahela lebitso la ka ntlo, hobane o monna wa ntwa, o tsholotse madi.


le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa tsebeletso ya bahlanka ba hae, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae le diaparo tsa bona, le methatinyana ya hae eo ho neng ho nyolohelwa tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,


Tafoleng ya ka, ho ne ho dula Bajuda le mahosana, banna ba lekgolo le nang le mashome a mahlano, kantle ho ba neng ba etla ba etswa ditjhabeng tse ka mathoko ho rona.


Haele ho neng ho apehelwa tsatsi le leng le le leng, ke ne ke apehelwa kgomo e nngwe le dinku tse tsheletseng tse kgethilweng le dikgoho; le veine e ngata e mefutafuta, ka leshome le leng le le leng la matsatsi. Leha ho le jwalo, bakeng sa tseo, ha ke a ka ka batla bohobe ba mmusisi, kahobane tshebeletso ena e ne e le boima hodima setjhaba sena.


Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


o mo laodisitse mesebetsi ya matsoho a hao; o beile tsohle katlasa maoto a hae;


Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane e ka kgona a buse, a tle a be a bee dira tsohle katlasa maoto a hae.


Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle.


kgama, tshephe, nare, none, letsa, tholo le phuthi.


Eitse hobane ba ise marena ao ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele, a re ho balaodi ba bahlabani ba ileng le yena: Atamelang le hate melala ya marena ao ka maoto a lona. Ba atamela, ba hata melala ya wona ka maoto a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos