1 Marena 5:3 - BIBELE3 “O a tseba hore Davida, ntate, o ile a sitwa ho hahela Morena Modimo wa hae ntlo, ka baka la dira tse neng di mo futuhela kamahohle, ho fihlela ha Morena a entse hore a hlole dira tseo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 O a tseba hobane ntate Davida o sitilwe ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa hae, ntlo, ka baka la dintwa tse mo hlahetseng hohle, ha ba ha fihla nako eo Jehova a beileng dira tsa Davida tlasa maoto a hae. Ver Capítulo |
Ka letsatsi le leng le le leng, ke ne ke phehelwa nama ya pholo kaofela, le ya dinku tse tsheletseng tse nonneng. Ke ne ke phehelwa le nama ya dikgoho, mme hang, kamora matsatsi a leshome, ho ne ho tliswa veine e ngata, ya mefutafuta. Empa leha ho ne ho le tjena, ha ke a ka ka batla dijo tseo e leng seabo sa mmusisi, hobane setjhaba se ne se imeditswe haholo.