Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 11:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A nyala basadi ba makgolo a supileng ba mafumahadi, a nka le direthe tse makgolo a mararo; basadi bao ba hae ba kgelosa pelo ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 O ne a ena le basadi ba makgolo a supileng, bao e neng e le dikgosatsana, a ena le basadi ba mafielo ba makgolo a mararo. Basadi bana ba hae ba mo kgelosa.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 11:3
12 Referencias Cruzadas  

Roboame a rata Maaka, moradi wa Absalome, ho ena le basadi ba hae ba bang kaofela le direthe tsa hae; athe o ne a nkile basadi ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi le direthe tse mashome a tsheletseng, mme a tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi le baradi ba mashome a tsheletseng.


Ha ho le jwalo, ho tloha tsatsing lena, mafumahadi a Persia le Media a utlwileng ketso ya mofumahadi, a tla bua taba e le nngwe ho mahosana a morena, mme nyediso le kgalefo e ngata di tla ba teng.


Ka ipokellela silefera le kgauta le menono ya marena le ya dinaha; ka ipatlela dibini tsa banna le tsa basadi, le menate ya bana ba batho, e leng basadi ba bangata;


Seo pelo ya ka e ntseng e se batla, ha ke eso ho se fumane: ho ba sekete, monna, ke mo fumane; empa ho bohle, mosadi, ha ke a mo fumana.


Mafumahadi a borena a teng moo a mashome a tsheletseng, a nang le direthe tse mashome a robileng meno e le mmedi, le barwetsana ba sa balweng.


Empa leebanakgorwana la ka, mohlweki wa ka, o mong feela; ke ngwana ya nnotshi ho mmae, moratuwa wa ya mo tswetseng. Barwetsana ba mmone, mme ba re, o lehlohonolo; mafumahadi le direthe ba mo rorisa.


Hape, a se ke a nyala basadi ba bangata, pelo ya hae e tle e se ke ya kgeloha; silefera le kgauta a se ke a ipokellela tsona haholo.


Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona.


A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos