Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Salomone, hobane a tsofale, basadi bao ba hae ba kgelosetsa pelo ya hae medimong esele, mme pelo ya hae ha e a ka ya hlola e eba ya Jehova, Modimo wa hae, kaofela ha yona, jwaloka pelo ya ntatae Davida.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ha Solomone a se a tsofetse, basadi bana ba hae ba mo kgelosa hore a sebeletse medimo e meng. Pelo ya hae ya se ke ya hlola e tshepahala ka ho tlala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha pelo ya Davida, ntatae, yona e ne e tshepahala.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 11:4
26 Referencias Cruzadas  

e le ba ditjhaba tseo Jehova a neng a itse ho bana ba Iseraele: Le se ke la ya ho tsona, le tsona di se ke tsa tla ho lona, esere mohlomong tsa kgelosetsa pelo tsa lona medimong ya tsona. Salomone a di kgomarela ke ho ba rata.


Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.


Ekare ha o utlwa tsohle tseo ke tla o laela tsona, o tsamaya tseleng tsa ka, o etsa tse lokileng mahlong a ka, o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha mohlanka wa ka Davida a entse, ke tla ba le wena, ke o hahele ntlo e tiileng, jwalokaha ke hahetse Davida, ke o nee Iseraele.


Matsatsi ao Salomone a busitseng Baiseraele bohle, a le Jerusalema, ya eba dilemo tse mashome a mane.


Kahoo, Salomone a etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ha a ka a latela Jehova kahohle, jwaloka ntatae Davida.


Ebile moo Jehova a halefelang Salomone, hobane pelo ya hae e be e kgelohile ho Jehova, Modimo wa Iseraele, ya neng a iponahaditse ho yena habedi;


Haele Roboame, mora Salomone, ya eba morena wa Juda. Roboame o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa; a busa ka lemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, motse o neng o kgethilwe ke Jehova hara metse yohle ya meloko ya Iseraele, ho bea lebitso la hae teng. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.


Haele nqalo tse diphahameng, ha a ka a di tlosa; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya nna ya kgomarela Jehova hantle tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.


A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


Salomone a rata Jehova, a tsamaya ka melao ya ntatae Davida; feela, a nna a hlaba nqalong tse diphahameng, a tjhesa le dibano teng.


Ya be e se e le dilemo tse makgolo a mane a nang le mashome a robileng meno e le mmedi bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ha Salomone a qala ho haha ntlo ya Jehova, e le ka selemo sa bone sa ho busa ha hae Iseraeleng, ka kgwedi ya Sife, e leng kgwedi ya bobedi.


Pelo tsa lona tsohle ha e ke e be tsa Jehova, Modimo wa rona, le tle le tsamaye ka melao ya hae, le boloke taelo tsa hae, jwaloka kajeno.


Dilemo tse mashome a mabedi tsa feta Salomone a hahile matlo ao a mabedi, ntlo ya Jehova le ntlo ya morena.


Haele wena, ekare ha o tsamaya pela ka ka pelo e lokileng, ya nnete, jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, o etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, ha o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,


Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


Jehova a ba ho Josafate, kahobane a nnile a tsamaya ka mehlala ya pele ya ntatae Davida, a sa ka a batla boBaale;


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova; empa e seng ka pelo e phethehileng.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a tsamaya ka mehlala ya Davida ntatae, mme ha a ka a e kgeloha ho ya leha e le ka ho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.


O se ke wa ba le medimo e meng pela sefahleho sa ka.


Hape, a se ke a nyala basadi ba bangata, pelo ya hae e tle e se ke ya kgeloha; silefera le kgauta a se ke a ipokellela tsona haholo.


hobane bara ba hao ba ka kgeloswa ke bona, hore ba ntlohele, mme ba sebeletse medimo esele, mme kgalefo ya Jehova e ka le tukela, a o fedisa hang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos