Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 11:3 - BIBELE

3 O ne a ena le basadi ba makgolo a supileng, bao e neng e le dikgosatsana, a ena le basadi ba mafielo ba makgolo a mararo. Basadi bana ba hae ba mo kgelosa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A nyala basadi ba makgolo a supileng ba mafumahadi, a nka le direthe tse makgolo a mararo; basadi bao ba hae ba kgelosa pelo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 11:3
12 Referencias Cruzadas  

Rehoboame o ne a rata Maaka, moradi wa Abosalome, ho feta basadi bohle ba hae, le basadi ba hae ba mafielo. O ne a nyetse basadi ba leshome le metso e robedi, le basadi ba mafielo ba mashome a tsheletseng. A tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robedi, le baradi ba mashome a tsheletseng.


Hona kajeno, dikgosatsana tsa Peresiya le Media tse utlwileng tsa boitshwaro bona ba mofumahadi, di tla etsa jwalo ho mahosana a kgosi, mme ho hlomphollana le ho halefelana ho ke ke ho hlola ho fela.


Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata.


ha ke ntse ke fuputsa, ke sa fumane letho, ka fumana monna wa banna ho ba sekete, hara basadi teng ha ke a fumana le ya mong!


Mafumahadi a ka ba mashome a tshelela, basadi ba mafielo ya eba mashome a le robedi, barwetsana ya eba boiyane, ntlhokapalo;


empa leebana la ka, pabala ya ka, ke lona feela, ke moradi wa mmae ya tswetsweng a le inotshi, thatohatsi ya mosadi ya ileng a mmeleha. Barwetsana ha ba mmona ba re o hlohonolo, mafumahadi le basadi ba mafielo ba a mo rorisa.


Kgosi eo e se ke ya nyala basadi ba bangata, esere ya kgeloha. E se ke ya ipokellela silefera le kgauta.


Ba nyallana le ditjhaba tseo, mme ba sebeletsa medimo ya tsona.


Abimeleke a ya tlung ya ntatae e Ofera, mme a bolaela bana babo, e leng banna ba mashome a supileng, bao e leng bara ba Jerubaale, hodima lejwe le le leng. Empa Jotame, mora wa Jerubaale wa ho fela, yena a sala, hobane o ne a ipatile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos