Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:33 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Utloang setšoantšo se seng: Ho ne ho e-na le monga ntlo e mong, ea hlomileng tšimo ea merara, a e thibella ka hohle, a tjheka sehatelo ho yona, a haha tora, a e lefisa balemi, a ya naheng e hole.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Utlwang setshwantsho se seng: Motho o ne a le teng, e leng monga ntlo, ya hlomileng tshimo ya merara; a e sireletsa ka motero, a tjheka sehatelo teng, a e hahela tora, mme a e laeletsa balemi, a ntoo eta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 “Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

33 Utloang setšoantšo se seng: Ho ne ho e-na le monga ntlo e mong, ea hlomileng tšimo ea merara, a e thibella ka hohle, a tjheka sehatelo ho yona, a haha tora, a e lefisa balemi, a ya naheng e hole.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:33
23 Referencias Cruzadas  

Ka moo lona utlwang setshwantsho sa mojadi.


Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.


Empa le nahana jwang? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi; mme a tla ho wa pele, a re: Mora, eya ho sebetsa tshimong ya ka ya merara kajeno.


A re: Bangodi le Bafarisi ba dutse setulong sa Moshe.


Hobane Mora Motho o jwaloka motho ya etang, ya ileng a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a laela molebedi wa monyako hore a lebele.


A re: “Monna e mong o ile a ya naheng e hole ho ya inkela borena, a ntoo kgutla.


Ke nna sefate sa morara sa nnete, mme Ntate ke molemi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos