Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Lona le lengolo la rona le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke lona le leng lengolo la rona, le ngodilweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke lona lengolo la rona, le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Lona le lengolo la rona le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:2
9 Referencias Cruzadas  

Sa pele, ke leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste bakeng sa lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.


Ho ya ka mohau wa Modimo oo ke o neilweng, jwaloka sehahi se bohlale, ke theile motheo, mme e mong o haha hodima wona. Empa e mong le e mong a ke a iponele kamoo o hahang kateng hodima lona.


Hobaneng? hobane ke sa le rate? Modimo o a tseba.


Mme nna ke tla ithaopela ho sebedisa, le ho sebediswa bakeng sa lona; leha ke le rata haholo, ke ratwa hanyenyane.


A re boela re qala ho ithorisa? Kapa na, joalo ka ba bang, re hloka mangolo a bopaki a eang ho lōna, kapa lengolo la bopaki le tsoang ho lōna?


Ha ke bue sena ho le ahlola;


Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.


Hobane lentswe la Morena le tumme ho tswa ho lona, e seng Masedonia le Akaia feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane hohle; hoo re sa hlokeng ho bua letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos