Yuda 1:23 - BIBELE le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona. Sesotho 1909/1961 (SO) mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama. Baasraak Sotho NT Ba bang le ba pholose ka tshabo, le ba tlose mollong; ba hloile le seaparo se silafetseng ke nama. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba bang le ba pholose ka tshabo, le ba tlose mollong; ba hloile le seaparo se silafetseng ke nama. |
Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.
Ba nnile ba lelera sa banna ba difofu, ba lelera hara diterata tsa motse; ba itshilafaditse ka madi haholo, hoo ho seng ya ka amang diaparo tsa bona.
Mang kapa mang ya robalang, kapa ya jellang ka tlung eo o tla hlatswa le diaparo tsa hae.
Lesela lefe kapa lefe, kapa letlalo lefe kapa lefe le nang le metsi ana a bonna hodima lona, le tla hlatsuwa ka metsi, mme le sale le ntse le ena le sesila ho fihlela ka phirimana.
“Ka timetsa le metse ya lona, ka e timetsa sa mohla Sodoma le Gomora; la phonyoha sa fatsa le tshotswe mollong, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.
mme mohlomong nka etsa hore setjhaba sa heso se be lefufa, ke tle ke pholose ba bang ba sona.
Haeba mosebetsi wa e mong o etjha, o tla mo senyehela, empa yena o tla pholoswa, jwaloka ya fetileng hara mollo.
Ka ho tseba hore na ho tshaba Morena ke eng, re leka ho kgodisa batho. Modimo o re tseba ka ho tlala; le teng ke tshepile hore le lona, ka dipelo tsa lona, le ntseba ka ho tlala.
Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.
Itlhokomele, o hlokomele le thuto ya hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa jwalo o tla ipholosa, o be o pholose le ba o mamelang.
Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone.
“Leha ho le jwalo, o sa na le ba seng bakae Saredeise ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona. Ba tla mphelehetsa ba apere diaparo tse tshweu, hobane ba lokelwa ke hona.