Johanne a paka, a re: “Ke bone Moya o theoha lehodimong o ka leeba, mme o dula hodima hae.
Tshenolo 1:2 - BIBELE Johanne ke yena ya pakileng tsohle tseo a di boneng, a di paka e le lentswe la Modimo le bopaki ba Jesu Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) ya tiisitseng lentswe la Modimo, a paka le tsa Jesu Kreste, e leng tsohle tseo a di boneng. Baasraak Sotho NT Ke yena ya pakileng lentswe la Modimo, le bopaki ba Jesu Kreste, le tsohle tseo a di boneng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke yena ya pakileng lentswe la Modimo, le bopaki ba Jesu Kreste, le tsohle tseo a di boneng. |
Johanne a paka, a re: “Ke bone Moya o theoha lehodimong o ka leeba, mme o dula hodima hae.
Jwale letshwele le neng le ena le yena ha a bitsa Lasaro lebitleng, a mo tsosa bafung, le ne le paka hoo.
Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme yena eo o tseba hore o bolela nnete, hore le lona le dumele.
Ke yena morutuwa enwa ya pakang ditaba tsena, ya di ngotseng, mme re tseba hore bopaki ba hae ke nnete.
Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona.
hobane o tla ba paki ya hae ho batho bohle, o pake tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.
Empa tsoha, o eme, hobane ke iponahaditse ho wena, hore ke o kgethe ho ba mosebeletsi le paki ya tseo o di boneng ka nna, le tseo ke tla iponahatsa ho wena ka tsona.
Bana beso, nna ha ke etla ho lona, ho le phatlalletsa sephiri sa Modimo, ke ne ke sa tlisa bokgelekehadi kapa bohlale bo boholo.
Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona.
Bohle ba paka Demetriose; le nnete e a mo paka. Le rona re paka jwalo, mme o a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete.
le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”
“Ka baka leo, ngola tseo o di boneng, tse seng di etsahetse, le tse tlang ho etsahala kamorao ho tsena.
Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu.
Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.
Kganyapa ya halefela mosadi, mme ya lwantsha ditloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu.
Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.
Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bohlano, katlasa aletare ka bona meya ya ba ileng ba bolawa ka baka la lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki boo ba neng ba ena le bona.