Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 1:2 - Baasraak Sotho NT

2 Ke yena ya pakileng lentswe la Modimo, le bopaki ba Jesu Kreste, le tsohle tseo a di boneng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ya tiisitseng lentswe la Modimo, a paka le tsa Jesu Kreste, e leng tsohle tseo a di boneng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Johanne ke yena ya pakileng tsohle tseo a di boneng, a di paka e le lentswe la Modimo le bopaki ba Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ke yena ya pakileng lentswe la Modimo, le bopaki ba Jesu Kreste, le tsohle tseo a di boneng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 1:2
22 Referencias Cruzadas  

Johanne a paka, a re: Ke bone Moya o theoha lehodimong jwaloka leeba, mme wa dula hodima hae.


Letshwele le neng le ena le yena mohla a bitsang Lazaro lebitleng la hae, a mo tsosa bafung, la paka.


Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme o tseba hore o bua nnete, le tle le dumele.


Enoa ke morutuoa ea pakang lintho tsena, ea ngotseng lintho tsena, ’me rea tseba hore bopaki ba hae ke ’nete.


Kannetenete ke re ho wena: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; mme ha le amohele bopaki ba rona.


Hobane o tla ba paki ya hae ho batho bohle ya tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.


Empa ema, o eme ka maoto;


Hobane rona re ka se lese ho bolela tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.


Jwalokaha bopaki ba Kreste bo tiisitswe ho lona.


Haele nna, banabeso, mohla ke tlang ho lona, ha ke a ka ka tla ka puo e fetisang, leha e le ka bohlale, ke le bolella bopaki ba Modimo.


Seo se neng se le teng ho tloha tshimolohong, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se boneng, mme matsoho a rona a se tshwere, sa Lentswe la bophelo;


Mme rona re bone, mme re a paka hore Ntate o romile Mora wa hae ho ba Mopholosi wa lefatshe.


Demetriase o pakoa ke bohle, le ke ’nete ka boeona; mme le a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete.


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ngola tseo o di boneng, le tse teng, le tse tlang ho hlaha kamorao;


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba rata bophelo ba bona ho isa lefung.


Mme drakone ya halefela mosadi, mme ya tloha ho ya lwantsha masala a leloko la hae, ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen.


Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos