Modimo ako re hauhele, o re hlohonolofatse, o re bontshe sefahleho, fahleho se kganyang kgotso.
Tite 2:11 - BIBELE Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane mohau wa Modimo, o ka bolokang batho bohle, o bonahetse; Baasraak Sotho NT Hobane mohau wa Modimo o pholosang batho bohle o bonahetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane mohau wa Modimo o pholosang batho bohle o bonahetse. |
Modimo ako re hauhele, o re hlohonolofatse, o re bontshe sefahleho, fahleho se kganyang kgotso.
Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.
Ereng ho baditjhaba: “Morena ke kgosi, o tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha; o ahlola ditjhaba ka ho loka.”
“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.
Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”
Morena o bontshitse tsoho la hae le halalelang, a le bontsha moo tjhaba tsohle di ntseng di bona, pheletso tsohle tsa lefatshe di tla bona, di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.
“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.
“Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: ‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’ ”
Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,
A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.
le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.
Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,
Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.
Morena o re laetse tjena: “ ‘Ke o entse lesedi la ditjhaba, hore o ise pholoho le dipheletsong tsa lefatshe!’ ”
Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake,
Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.
Empa ke a botsa: Na ha ba a ka ba utlwa? Ba fela ba utlwile. “Lentswe la bona le utlwahetse lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di fihlile dipheletsong, di fihlile pheletsong tsa lefatshe.”
Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang!
Ke ka yena re bileng le hona ho amohelwa ka baka la tumelo mohaung ona oo re leng ho wona, mme re motlotlo ka ho ba le tshepo ya ho abelwa tlotla ya Modimo.
Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.
Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!”
o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.
hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;
Feela eka kgona le tiisetse tumelong. Le tshware le tiye, le se kgelohe tshepong eo le bileng le yona ha le utlwa molaetsa o molemo, o phatlalletswang dibopuwa tsohle tse tlasa letsatsi, oo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa wona.
o le fihletseng. Molaetsa oo o namela lefatsheng lohle, mme o beha ditholwana. O entse jwalo le ho lona, ho tloha mohla le neng le utlwa tsa mohau wa Modimo, mme la fela la utlwisisa seo o leng sona.
Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo Ntata rona ya re ratileng, eo mohaung wa hae a re fileng tshediso e sa feleng le tshepo e tiileng,
Morena wa rona a ntshitsa ka mohau o mongata wa hae, le ka tumelo le lerato leo re nang le lona ho Kreste Jesu.
Empa kajeno re o senoletswe ka ho iponahatsa ha Mopholosi wa rona, Kreste Jesu, ya fedisitseng matla a lefu, a senola bophelo le ho se shwe ka molaetsa o molemo.
Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.
Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.
Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.