Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 2:5 - BIBELE

5 o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Leha re ne re shwele dibeng, o re phedisitse hammoho le Kreste, (le bolokehile ke mohau;)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Leha re ne re shwele dibeng, o re phedisitse hammoho le Kreste, (le bolokehile ke mohau;)

Ver Capítulo Copiar




Baefese 2:5
20 Referencias Cruzadas  

kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ Yaba ba qala ho keteka.


Jwalokaha Ntate a tsosa bafu, a ba phedisa, le Mora o phedisa jwalo bao a ratang ho ba phedisa.


Moya ke wona o phedisang, nama ha e thuse letho; dipolelo tseo ke di buileng ho lona ke moya, mme ke bophelo.


Empa re dumela hore ke ka mohau wa Morena Jesu re pholoswang jwaloka bona.”


Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele. Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.


Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.


Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,


Haeba re boelantswe le Modimo ka lefu la Mora wa hae, ha re ne re sa ntse re le dira tsa Modimo, re tla pholoswa ho feta hakaakang ka bophelo ba Kreste, ha re se re boelantswe le Modimo!


Efela ha re ne re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shwela ba kgopo, ka nako e beilweng.


empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.


hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.


Le ne le shwele ka baka la ditshito le dibe tsa lona,


hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;


Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.”


Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.


Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse.


a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.


Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos