“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.
Ruthe 4:14 - BIBELE Basadi ba re ho Naomi: “Kajeno ho bokwe Morena, ya sa kang a o tlohela o se na mojalefa. Moshanyana enwa a ke a tume naheng ya Iseraele. Sesotho 1909/1961 (SO) Basadi ba re ho Naomi: Ho bokwe Jehova, ya sa kang a o tima wa heno kajeno, eo lebitso la hae le tla tuma Iseraeleng. |
“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.
o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.”
Ya boela ya eba moimana hape, a tswala mora, mme a re: “Jwale ke tla boka Morena.” Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda; yaba o kgaotsa ho beleha.
Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.
Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.
lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.