Bitso le letle le feta menkwane ka ho rateha, tsatsi la lefu le molemo ho feta la tswalo.
Ruthe 3:14 - BIBELE Ruthe a botha pela maoto a Boase ho fihlela hosasane. Ruthe a tsoha e sa le hoseng, ho eso bonahale hantle, hobane Boase o ne a re: “Ho se be motho ya ka tsebang hore mosadi o kile a tla seotlong mona.” Sesotho 1909/1961 (SO) A robala jwalo maotong a hae, ha ba ha esa; a ntoo tsoha, batho ba eso ho tsebe ho bonana. Hobane Boase o ne a itse: Ho se ke ha tsejwa hobane mosadi o kene seotlong. |
Bitso le letle le feta menkwane ka ho rateha, tsatsi la lefu le molemo ho feta la tswalo.
Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.
Boase a re ho Ruthe: “Hlobola kobo ya hao, o e ale mona.” Ruthe a e ala, mme Boase a tshela harese e ka bang boima ba dikilo tse mashome a mabedi. A mo rwesa yona, mme Ruthe a ya motseng.