Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:21 - BIBELE

21 hobane re pheella tse molemo, e seng pela Morena feela, empa le pela batho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Ka ho fana ka dintho tse molemo, e seng mahlong a Morena feela, empa le mahlong a batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ka ho fana ka dintho tse molemo, e seng mahlong a Morena feela, empa le mahlong a batho.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:21
19 Referencias Cruzadas  

Yaba o re: “Etsang jwalo kgetlo la bobedi!” Ba etsa jwalo kgetlo la bobedi. A boela a re: “Etsang jwalo kgetlo la boraro!” Ba etsa jwalo kgetlo la boraro.


O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona.


“Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”


“Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi ya lona ya bodumedi pontsheng ho batho, hore ba le babatse; haeba le etsa jwalo ha le na ho ba le moputso o tswang ho Ntata lona ya mahodimong.


thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.”


Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle.


Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho.


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


Re ntse re leka ho phema hore ho se be ya ka nyatsang tshebediso ya rona ya dithusohadi tsena,


Re romile baromuwa mmoho le ngwanabo rona, eo hangata re fumaneng a le mafolofolo nthong tse ngata; eo jwale a leng mafolofolo haholo, kaha a le tshepa haholo.


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.


Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi.


Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Ruthe a botha pela maoto a Boase ho fihlela hosasane. Ruthe a tsoha e sa le hoseng, ho eso bonahale hantle, hobane Boase o ne a re: “Ho se be motho ya ka tsebang hore mosadi o kile a tla seotlong mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos