Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.”
Ruthe 3:12 - BIBELE Ke nnete, ke tswalana le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena ka tswalano ho mpheta. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna. |
Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.”
Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.
Yaba Naomi o re ho ngwetsi ya hae: “Morena ya hauhelang ba phelang le ba shweleng a ke a mo hlohonolofatse.” Naomi a eketsa, a re ho yena: “Monna eo ke seng le rona, re tswalana le yena.”
Se tshabe, ngwanaka, ke tla o etsetsa tsohle tseo o di kopang, hobane batho bohle ba motse wa heso ba a tseba hore o mosadi ya kgabane.
Robala mona bosiung bona; haeba hosasane a rata ho phetha tshwanelo ya hae ho wena, e tla ba ho lokile. Empa ha a sa rate ho etsa jwalo, ka Modimo ya phelang, nna ke tla etsa jwalo. Phomola mona ho fihlela hosasane.”
Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe.
Ke fumane ho le molemo hore ke o bolelle taba ena, ke re: ‘Reka naha eo moo setjhaba sa heso le baholo ba sona ba leng teng. Haeba o e lopolla, e lopolle; le teng ha o sa e lopolle, mpolelle, e le hore ke tsebe, hobane ha ho e mong ya ka e lopollang haese wena, kapa nna, hobane ke a o hlahlama.’ ” Monna eo a re: “Ke tla e lopolla.”