Ruthe 2:11 - BIBELE Boase a mo araba, a re: “Ke boleletswe tsohle tseo o di etseditseng matsalao, haesale monna wa hao a eshwa. Ke boleletswe le kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona, wa tla setjhabeng seo pele ho mona, o neng o sa se tsebe. Sesotho 1909/1961 (SO) Boase a araba, a re ho yena: Ho tsebiswa ke tsebisitswe hohle kamoo o entseng matsalao kateng, haesale ho timela monna wa hao, kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona o bileng o tlile tjhabeng seo o neng o sa se tsebe pele. |
Kgosatsana di teng hara mafumahatsana, mafumahatsana a hao a lomphehang; mofumahadi o eme tsohong la hao le letona, o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire.
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.”
Ho bonolo ho feta ke hofe, ha e le ho re: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa e le ho re: ‘Ema, o tsamaye’?
Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona?
Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?”
Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.”
Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng.
O tla o tshedisa, a o fepe dilemong tsa botsofadi ba hao. Ngwetsi ya hao e o rata haholo, mme e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.”