A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,
Ruthe 2:10 - BIBELE Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba? |
A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,
Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?”
Jwale kgosi Davida a kena ka tenteng, a dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba lelapa la ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?
Mefiboshete a obama, a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ke eng, hoo o ka tsotellang ntja e shweleng, e kang nna tjee?”
Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.
hobane ke ne ke lapile, la mpha dijo; ke nyorilwe, la mpha ka nwa; ke le moeti, la nkamohela;
hobane o ile a tadima ho eiseha ha lekgabunyane la hae. Bonang, ho tloha jwale meloko yohle e tla re nna ke lehlohonolo,
Boase a mo araba, a re: “Ke boleletswe tsohle tseo o di etseditseng matsalao, haesale monna wa hao a eshwa. Ke boleletswe le kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona, wa tla setjhabeng seo pele ho mona, o neng o sa se tsebe.
Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.”
Matsalae a re ho yena: “Kajeno o tswa kgwahlapisa kae? O ne o sebetsa kae? Ho ke ho hlohonolofatswe monna ya ileng a o hlokomela.” Ruthe a bolella matsalae hore na eo a neng a sebetsa ho yena ke mang, a re: “Lebitso la monna eo ke neng ke sebetsa ho yena kajeno ke Boase.”
Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.” Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.”
O shebe feela tshimo eo a e kotulang, o a sale morao. Ke laetse bahlanka ba ka hore ba se ke ba o tshwenya. Ha o nyorilwe, o ye dinkgong, mme o nwe metsi a kgilweng ke bahlanka ba ka.”
Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena.