Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.” Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.
Ruthe 1:15 - BIBELE Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.” Sesotho 1909/1961 (SO) Naomi a be a re: Bona, ngwaneno o kgutletse tjhabeng sa habo le ho medimo ya habo; sala ngwaneno morao. |
Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.” Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.
Empa ba kgelohetseng ditseleng, ditseleng tse matswedintsweke, Morena a ke a ba leleke, a ba leleke le ba kgopo. Kgotso e ke e be teng Iseraele.
Batho bana ke ba furaletseng Morena, ba mo furalla, ba se ke ba mmatla, leha e le hona ho ipiletsa ho yena.
Empa Hobabe a re ho Moshe: “Nke ke ka ya le lona; ke tla ikela naheng ya heso le ho baheso.”
Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”
Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.
Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.
Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.
Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena.
Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane “moo o yang teng ke tla ya teng, moo o phelang teng ke tla phela teng; tjhaba sa heno e be tjhaba sa heso, Modimo wa hao e be Modimo wa ka.