Ruthe 1:10 - BIBELE Ba re ho yena: “Ruri re tla kgutlela le wena setjhabeng sa heno.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ho yena: Tjhe, re tla mpe re ye le wena tjhabeng sa heno. |
Morena wa mabotho o bua tjena: “Mohlang oo banna ba leshome ba dipuo tsohle le ba ditjhaba tsohle ba tla tshwara Mojuda a le mong ka qola ya kobo ya hae, ba re: ‘Ako re re ye le lona, hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.’ ”
Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona?
Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda,
Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.