10 Ba re ho yena: Tjhe, re tla mpe re ye le wena tjhabeng sa heno.
10 Ba re ho yena: “Ruri re tla kgutlela le wena setjhabeng sa heno.”
Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao.
Bakgethehi ba lefatsheng, banna ba borapedi ba sebele, ke bao ke kgahlwang ke bona.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.
Naomi a re: Kgutlang, baradi ba ka; ke ha le elang le nna? Hleka le re, ke sa na le bana popelong ya ka, e tle e be banna ba lona na?
A tloha moo a neng a le teng, a ena le dingwetsi tsa hae tse pedi, mme ba ikela ka tsela e boelang naheng ya Juda.
Jehova a nee e mong le e mong wa lona kgatholoho tlung ya monna wa hae. Ebile o a ba aka, mme ba phahamisa mantswe a bona, ba lla.