Morena wa mabotho o bua tjena: “Mohlang oo banna ba leshome ba dipuo tsohle le ba ditjhaba tsohle ba tla tshwara Mojuda a le mong ka qola ya kobo ya hae, ba re: ‘Ako re re ye le lona, hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.’ ”
Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona?