La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 8:13 - BIBELE

O emise Balevi kapele ho Arone le bara ba hae, o nyehele ka bona ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

O tla emisa Balevi pela Aarone le bara ba hae, mme o tla ba hlahisetsa Jehova e le kabelo e tsokotswang;

Ver Capítulo



Numere 8:13
7 Referencias Cruzadas  

Bona, ke ikgethetse bana beno, Balevi, hara bana ba Iseraele, e le mpho ya hao e neilweng Morena, hore ba sebeletse ka Tenteng ya Morena.


Arone a nyehele ka Balevi kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, e tswang ho bana ba Iseraele, hore Balevi ba tle ba sebeletse Morena.


“Balevi ba bee matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana, ebe wena o nyehela ka pohwana e nngwe ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe, mme e nngwe e le nyehelo ya setjheso ya ho etsetsa Balevi tefelo ya sebe.


Ka mokgwa o jwalo o tla kgetha Balevi ho bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka.


Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona, mme Arone a nyehela ka bona kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, mme a ba etsetsa tefelo ya sebe ho ba hlwekisa.


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.