Ba ya fihla kgohlong ya Eshekole, mme teng ba kgaola lekala le nang le lesihla la morara, ba le jara ka thupa e tshwerweng ka mahlakoreng a mabedi ke banna ba babedi; hape ba tla le dikgarenate le difeiye.
Numere 32:9 - BIBELE Ba ne ba nyolohe ho ya fihla Kgohlong ya Eshekole, mme ha ba bona naha eo, ba nyahamisa dipelo tsa bana ba Iseraele hore ba kene naheng eo Morena a ba neileng yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba nyoloha ho fihlela sekgutlong sa Eshkole; eitse hobane ba hlwele naha, ba nyebisa bana ba Iseraele ho ya naheng eo Jehova a neng a ba neile yona. |
Ba ya fihla kgohlong ya Eshekole, mme teng ba kgaola lekala le nang le lesihla la morara, ba le jara ka thupa e tshwerweng ka mahlakoreng a mabedi ke banna ba babedi; hape ba tla le dikgarenate le difeiye.
Sebaka seo ba se rea lebitso la kgohlo ya Eshekole, ka baka la lekala leo banna ba Iseraele ba ileng ba le kgaola moo.
Ba tsamaya, ba fihla ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba neng ba le lehwatateng la Parane e Kadeshe. Ba behela Moshe, le Arone, le setjhaba sohle ditaba, mme ba ba bontsha le ditholwana tsa naha eo.