Empa hona moo lehwatateng ka ba hlapanyetsa, ka re ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle.
Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?
Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela;