Numere 3:51 - BIBELE Yaba Moshe o nea Arone le bara ba hae tjhelete ena ya topollo, ho ya ka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a laetse Moshe. Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a nea Aarone le bara ba hae tjhelete eo ya topollo, a ba nea yona ka taelo ya Jehova, le kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng. |
“Hopolong molao wa mohlanka wa ka Moshe, le ditaelo le ditemoso tseo ke neng ke mo nee tsona ha ba le Horebe, ho di tsebisa Baiseraele bohle.
Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”
Tjhelete eo o e nee Arone le bara ba hae, e le topollo ya palo ya bao le fetang Balevi ka yona.”
Ho matsibolo a bana ba Iseraele, Moshe a bokella silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mehlano le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.
Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.
Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano.