Dihlopha tsa bara ba Arone ke tsena: Bara ba Arone e ne e le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.
Numere 3:2 - BIBELE Ana ke mabitso a bara ba Arone: Letsibolo ke Nadabe, e be Abihu, le Eleasare, le Itamare. Sesotho 1909/1961 (SO) Mabitso a bara ba Aarone ke ana: Wa letsibolo ke Nadabe; e ntoo ba Abihu, le Eleasare, le Ithamare. |
Dihlopha tsa bara ba Arone ke tsena: Bara ba Arone e ne e le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.
Empa bo-Nadabe le Abihu ba ile ba shwa pele ho ntata bona, ba se na bara; kahoo Eleasare le Itamare ya eba bona baprista.
Bana ba Amorame ke Arone, le Moshe, le Meriama; bara ba Arone ke Nadabe, le Abidu, le Eleasare, le Itamare.
“Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.
Arone a nka Elesheba, moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.
Nadabe le Abihu, bara ba Arone, e mong le e mong a nka sekubetso sa hae, a kenya mollo ka ho sona, a tshela mokubetso hodima mollo, a nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, oo Morena a neng a sa mo laela wona.
Moshe a re ho Arone, le ho Eleasare, le ho Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela: “Nkang nyehelo ya phofo e setseng nyehelong ya setjheso sa Morena, le e je e sa lomoswa, le le pela aletare, hobane nyehelo eo e halalela ka ho fetisisa.