Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:3 - BIBELE

3 Ana ke mabitso a bara ba Arone, bao a ileng a ba tlotsa hore e be baprista; a ba a ba halaletsa hore ba tle ba sebeletse e le baprista.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke wona ao mabitso a bara ba Aarone, baprista ba tlotsitsweng, ba kgethetsweng mosebetsi wa boprista.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:3
10 Referencias Cruzadas  

Davida a ba arola dihlopha tse tharo, ho ya ka bara ba Levi, e leng Gereshone, le Kohate, le Merari.


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


O tla apesa Arone diaparo tse halalelang, o mo tlotse, o mo halaletse, mme o tla ntshebeletsa e le moprista wa ka.


O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.”


A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele.


Jwale Moshe a nka ole a tlotsang, le a mang a madi a neng a le hodima aletare, mme ka wona a foka Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae, le diaparo tsa bona. Yaba o halaletsa Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona.


Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng.


Molao wa Moshe o beile batho ba nang le mefokolo hore e be Baprista ba Baholo; athe mantswe a kano, a builweng kamorao ho Molao wa Moshe, a beile Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos