Numere 27:4 - BIBELE Ke hobaneng lebitso la ntata rona le ntshwang hara ba lelapa? Na ke hobane a se na mora? Re neeng lefa jwaloka bana babo ntata rona.” Sesotho 1909/1961 (SO) A ke ka baka lang ha lebitso la ntata rona le tloswa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? O re fe lefa hara banababo ntata rona. |
Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla?
“Ntata rona o ile a shwella lehwatateng. O ne a se sehlopheng sa ba neng ba ikopantse, ba lwantsha Morena, e leng ba sehlopha sa Kora. Empa o ile a shwa ka baka la sebe sa hae. O ne a se na bara.
Baradi bana ba tla kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho Joshua, mora wa Nune, le kapele ho mahosana, ba re: “Morena o laetse Moshe hore a re nee lefa lefeng la dikgaitsedi tsa rona.” Ka baka leo, ka taelo ya Morena, Joshua a ba abela lefa lefeng la bana babo ntata bona.