Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 17:4 - BIBELE

4 Baradi bana ba tla kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho Joshua, mora wa Nune, le kapele ho mahosana, ba re: “Morena o laetse Moshe hore a re nee lefa lefeng la dikgaitsedi tsa rona.” Ka baka leo, ka taelo ya Morena, Joshua a ba abela lefa lefeng la bana babo ntata bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba tla pela moprista Eleasare, le pela Joshua, mora Nune, le pela baholo, ba re: Jehova o ne a laele Moshe ho re nea lefa hammoho le banababo rona. Ebile ba fuwa lefa hammoho le banababo ntata bona, ka taelo ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 17:4
9 Referencias Cruzadas  

Jwale ha atamela baradi ba Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba morabe wa Manase, mora wa Josefa. Ana ke mabitso a baradi bao: Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa.


Ke hobaneng lebitso la ntata rona le ntshwang hara ba lelapa? Na ke hobane a se na mora? Re neeng lefa jwaloka bana babo ntata rona.”


Baradi ba Selofehade ba etsa kamoo Morena a laetseng Moshe kateng.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele.


Manase o ile a fumana dikarolo tse leshome, ntle ho naha ya Gileade le ya Bashane, e kamose wane ho Jorodane,


Dihlooho tsa malapa a Balevi tsa tla ho moprista Eleasare, le ho Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa merabe ya bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos