Joshua 17:3 - BIBELE3 Empa Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, yena o ne a se na bara, haese baradi feela. Mabitso a baradi bao e ne e le Mahla, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Tselofkade yena, mora Hefere, mora Gileade, mora Makire, mora Manasse, ha a ka a ba le bara, a ba le basetsana feela; mabitso a baradi ba hae ke ana: Makla, Nowe, Hogla, Milka, le Thirtsa. Ver Capítulo |
Naha e abilweng ka lotho ya eba karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona; le ya bana ba Abiesere, le ya bana ba Heleke, le ya bana ba Aserele, le ya bana ba Shekeme, le ya bana ba Hefere, le ya bana ba Shemida. Bana e ne e le bana ba batona ba Manase, mora wa Josefa, ho ya ka malapa abo bona.