La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 27:3 - BIBELE

“Ntata rona o ile a shwella lehwatateng. O ne a se sehlopheng sa ba neng ba ikopantse, ba lwantsha Morena, e leng ba sehlopha sa Kora. Empa o ile a shwa ka baka la sebe sa hae. O ne a se na bara.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.

Ver Capítulo



Numere 27:3
16 Referencias Cruzadas  

Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!


Nna, Morena, ke buile. Ruri hona ke tla ho etsa ho setjhaba sena sohle se kgopo, se ikopantseng ho ntwantsha. Se tla timella lehwatateng lena, se shwelle teng.”


Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.


Ba ileng ba eshwa ke sewa sena ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mene le makgolo a supileng, ho sa balwe ba shweleng ka taba ya Kora.


Selofehade, mora wa Hefere, o ne a se na bara, empa a ena le baradi. Mabitso a baradi ba Selofehade e ne e le Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa.


Ba ema kapele ho Moshe, le kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho mahosana, le kapele ho setjhaba sohle, monyakong wa Tente ya Morena, mme ba re:


Ke hobaneng lebitso la ntata rona le ntshwang hara ba lelapa? Na ke hobane a se na mora? Re neeng lefa jwaloka bana babo ntata rona.”


A re ho bona hape: “Ke a tsamaya; le tla mpatla, mme le tla shwela sebeng sa lona; moo ke yang teng, le ke ke la tla.”


Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”


Sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, le lefu le kene ka sebe; ka mokgwa o jwalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe.


Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.