Numere 26:11 - BIBELE Empa bara ba Kora bona ha ba a ka ba eshwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa bara ba Kore ha ba ka ba eshwa. |
Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena.
Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”.
Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.
Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.
Setjhaba sa tloha diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame, ka mahlakoreng wohle. Bo-Datane le Abirame, le basadi ba bona, le bara ba bona, le bana ba bona, ba tswa, ba ema menyakong ya ditente tsa bona.
lefatshe la ahlama, la ba kwenya, bona le matlo a bona, le balatedi ba bona, le thepa yohle ya bona.
Ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, le maruo wohle a bona. Lefatshe la ba pupetsa, ba timetswa, ba tloswa setjhabeng.
a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae.
Bara ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona, ke Nemuele, ya tswetseng morabe wa Nemuele; le Jamine, ya tswetseng morabe wa Jamine; le Jakine, ya tswetseng morabe wa Jakine;
le seo a se entseng ho Datane, le ho Abirame, bara ba Eliabe, mora wa Rubene, kamoo lefatshe le ileng la ahlama kateng, mme la ba metsa hammoho le tsohle tsa bona, le ditente tsa bona, le tsohle tse phelang, tseo ba neng ba tsamaya le tsona, setjhabeng sa Iseraele.
“Bo-ntata ba ke ke ba bolawa ka baka la bana ba bona; le bana ba ke ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona. Motho e mong le e mong o tla bolaelwa sebe sa hae.