Numere 16:33 - BIBELE33 Ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, le maruo wohle a bona. Lefatshe la ba pupetsa, ba timetswa, ba tloswa setjhabeng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)33 Bona le tsohle tseo e leng tsa bona, ba theohela lempatung ba utlwa; lefatshe la ba kwahela, mme ba nyamella hara phutheho. Ver Capítulo |
Ka baka leo, ha ho sa tla ba le sefate sefe kapa sefe se metseng pela metsi se tla iphahamisa haholo, kapa se tla tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng. Ha ho sefate se nwesetswang hantle se tla ke se be selelele hakaalo, hobane tsohle di a bolawa, di theolelwa ka mpeng ya lefatshe, hara batho ba theohetseng mohohlong.
“Ho teng le mahosana wohle a leboya, le Basidone bohle ba teng ba theohetseng mohohlong le ba bolailweng ka sabole. Le hoja ba ne ba tshajwa haholo, bonatla ba bona bo ba hlabisitse dihlong, ba shwele e ntse le maqai, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole, ba jere sekgobo sa bona le ba theohetseng mohohlong.