Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”
Numere 24:4 - BIBELE ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona. Sesotho 1909/1961 (SO) la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele: |
Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”
Ha letsatsi le eya madikelong, Aborame a fihlelwa ke sephume sa boroko, mme lefifi le tshabehang la mo aparela.
Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”
Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.
Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.
Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”
Jwale Morena a tutubolla mahlo a Bileame. A bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsoho; yaba o a inama, o itihela fatshe ka sefahleho.
Bileame a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, monna ya mahlo a tjhatsi o a porofeta,
“Ditente tsa hao, Jakobo, di kgahleha hakaakang! Diahelo tsa hao, Iseraele, di ntle hakaakang!
Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: “Bona, banna ba babedi ba a o batla.
Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,
Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,
Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a porofeta kapele ho Samuele. A qeta letsatsi leo lohle, le bosiu boo bohle, a paqame fatshe, a tsotse. Ke kahoo ho bileng le polelo e reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baporofeta?”