Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:1 - BIBELE

1 Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:1
65 Referencias Cruzadas  

Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”


Yaba Morena o bua ho yena, o re: “Tjhe, eo e ke ke ya eba mojalefa wa hao; mojalefa wa hao e tla ba mora ya tswang lethekeng la hao.”


Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng.


Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”


Aborahama a tsebiswa, ha thwe: “Bona, Mileka le yena o tswaletse moena hao, Nakore, bana.


Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


feela ntata lona o nqhekanyeditse, mme ka makgetlo a leshome a fetola moputso wa ka. Empa Modimo ha a a ka a mo dumella ho nketsetsa bokgopo.


Modimo ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona, ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le mpholosang, ke seqhobo sa ka, ke setshabelo sa ka; ke Mopholosi wa ka, o mpholosa kgatellong.


Lengeloi la Morena la re ho Elia: “Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba.” Yaba Elia o a phahama, o theohela le molaodi eo ho kgosi.


Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena.


Lona ba ntlo ya Arone, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona.


O setshabelo sa ka le thebe ya ka, ke tshepile lentswe la hao.


Ke tadima ka tsohong la ka le letona: Ha ho ya ntsotellang; ha ho moo nka tshabelang teng, ha ho motho ya nnatsang.


a re: Ke a o rata Morena, wena matla a ka.


Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?


ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.”


Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.


Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele.


Ya lokileng o tla thaba ha a bona phetetso, o tla hlatswa maoto a hae ka madi a ba kgopo.


Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.


Oho, Morena Modimo wa mabotho, ako utlwe thapelo ya ka, o ntshekehele tsebe, Modimo wa Jakobo.


O tla o kwahela ka masiba a hae, o tshabele tlasa mapheo a hae. Botshepehi ba hae ke thebe le thejana:


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.


Motho ya kgopo o amohela moputso wa bolotsana, ya jalang ho loka o kotula moputso wa nnete.


“Polelo tsohle tsa Modimo ke tsa nnete. Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.


ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.”


Bonang, Morena Modimo o tla e le Ya Matla, o tla busa ka letsoho la hae. Bonang, o tla le moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


Empa jwale, ke sena seo Morena a se bolelang, yena ya o bopileng, wena Jakobo, yena ya o entseng, wena Iseraele: “O se ke wa tshaba, hobane ke o lopolotse; ke o bitsitse ka lebitso, ke o bitsitse, o wa ka.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.


Morena, yena ya o bopileng, ya o entseng o sa le popelong, ya tla o thusa, o bua tjena: Se tshabe, wena Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Jeshurune eo ke mo kgethileng.


O se ke wa thothomela, o se ke wa tshaba. Na ha ke a ka ka bolela hoo, ka ho senola kgalekgale? Lona le dipaki tsa ka; na ho teng Modimo e mong kantle ho nna? Tjhe, ha ho Lefika le leng, ha ke tsebe le le leng!’ ”


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang.


Ka pelong ya ka nna ke re: “Morena ke yena kabelo ya ka, kahoo ke itshepetse yena feela.”


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya bone selemong sa mashome a mararo, ha ke le hara bathopuwa pela noka ya Kebare, ke ile ka bona mahodimo a buleha, yaba ke bona dipono tsa Modimo.


Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya. Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna,


Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, tsamaya, o ye ho bana ba Iseraele, o ba bolelle mantswe a ka.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Yaba Morena o re ho Arone: “O se ke wa ba le lefa naheng ya bona, o se ke wa ba le seabo hara bona. Ke nna seabo sa hao, le lefa la hao hara bana ba Iseraele.


ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona.


Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng.


A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!


Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.


Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo.


“Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.


Ba re: “Molaodi wa lebotho la ba lekgolo, Kornele, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya pakwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke lengeloi le halalelang, hore a o bitsetse ha hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.”


e ka ba Paulosi, kapa Apolosi, kapa Kefase, kapa lefatshe lena, kapa bophelo, kapa lefu, kapa tse teng, esita le tse tlang. Tsena tsohle ke tsa lona,


Balevi ha ba na ho ba le lefa jwaloka bana babo bona. Morena ke yena lefa la bona, jwalokaha a buile ho wena.


Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.”


Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.”


Morena a bua ho Samuele, a re:


Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos