Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”
Numere 24:3 - BIBELE mme a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, ho porofeta monna ya mahlo a tjhatsi, Sesotho 1909/1961 (SO) A porofeta, a re: Lentswe le Balaame, mora Beore, lentswe la monna ya nang le leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo, |
Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”
Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.
Jwale Morena a tutubolla mahlo a Bileame. A bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsoho; yaba o a inama, o itihela fatshe ka sefahleho.
Bileame a boela a porofeta, a re: “Tsoha Balake, o mamele! Ntshekehele tsebe, mora wa Sipore.
Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. ‘Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele.’
Bileame a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, monna ya mahlo a tjhatsi o a porofeta,
ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya nang le tsebo ya Ya Hodimodimo; ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona.
ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona.