Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:4 - BIBELE

4 ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:4
20 Referencias Cruzadas  

Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


Ha letsatsi le eya madikelong, Aborame a fihlelwa ke sephume sa boroko, mme lefifi le tshabehang la mo aparela.


Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”


Thebe ya rona ke ya Morena, kgosi ya rona ke ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”


Jwale Morena a tutubolla mahlo a Bileame. A bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsoho; yaba o a inama, o itihela fatshe ka sefahleho.


Bileame a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, monna ya mahlo a tjhatsi o a porofeta,


“Ditente tsa hao, Jakobo, di kgahleha hakaakang! Diahelo tsa hao, Iseraele, di ntle hakaakang!


A lapa, a lakatsa ho ja. Yare ha ho ntse ho lokiswa dijo, a ba le pono.


Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: “Bona, banna ba babedi ba a o batla.


“Ha ke kgutletse Jerusalema, mme ke ntse ke rapela ka Tempeleng, ka ba le pono.


Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a porofeta kapele ho Samuele. A qeta letsatsi leo lohle, le bosiu boo bohle, a paqame fatshe, a tsotse. Ke kahoo ho bileng le polelo e reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baporofeta?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos