Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”
Numere 23:9 - BIBELE E, ka mmona ke le qhoweng e hodima mafika, Ka mmona ke le hodima maralla. Sena ke setjhaba se ahileng se le inotshi, se ke keng sa balellwa hara tjhaba tse ding. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba. |
Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”
Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.
Hona jwale ho tla tsejwa kang hore o nkgauhetse, nna le setjhaba see sa hao? Na hase ka ho tsamaya le rona, e le hore nna le setjhaba see re tle re kgethehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?”
Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena,” ho rialo Morena. “Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa, ditjhaba tseo ke o leleketseng hara tsona, empa wena ha o ka ke wa timella ruri; ke tla o ahlola, feela e le ka toka, nke ke ka o tlohela o sa ahlolwa ho hang.”
“Emang le futuhele tjhaba se iketlile, tjhaba se iphelela, se ena le letshepa, tjhaba se se nang dikgoro, se se nang le mekwallo, tjhaba se iphelelang se le inotshi feela,” ho rialo Morena.
“Nna ke tla fela ke etse taelo, ntlo ya Iseraele ke e hlokole, ke e hlokole hara ditjhaba tsohle, ke e hlokole sa koro e hlokolwa ka sefe, empa ho se thollo le e nngwe e welang fatshe.
Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.
Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.
Ha Radiphahama a aba, a abela matjhaba dinaha, a arola bana ka merabe ya bona, a na a sehela ditjhaba meedi, ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.
Jwale Iseraele o phela ka kgotso, sediba sa Jakobo se inotshi feela, naheng ya koro le ya veine e ntjha; e, mahodimo a nesa pula.
Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.