La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 22:4 - BIBELE

Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane: “Letshwelehadi lena le tla qeta tsohle tse re potapotileng, jwalokaha pholo e fula jwang naheng.” Balake, mora wa Sipore, e ne e le yena kgosi ya Moabe ka nako eo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Moabe a re ho baholo ba Midiane: Bongata boo bo ya qeta tsohle tse ka mathoko ho rona, jwaloka dikgomo ha di fula botala ba naha. Mohlang oo, Balake, mora Tsippore, e ne e le yena morena wa Moabe.

Ver Capítulo



Numere 22:4
13 Referencias Cruzadas  

Ba tloha Midiane, mme ha ba fihla Parane, ba nka banna ba Parane ba ya le bona Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta. Kgosi ya Egepeta ya nea Hadade ntlo, ya mo fepa, ya mo abela naha.


Marena a Edomo a ile a ferekana, mahosana a Moabe a otlanya mangwele, baahi bohle ba Kanana ba nyamela.


Hodima matlo wohle a Moabe, le hara diterata tsohle tsa yona, ha ho letho, haese dillo feela, hobane Moabe ke e pshatlile, ka e pshatla sa mopotjwana o seng o sa natswe ke motho,” ho rialo Morena.


Balake, mora wa Sipore, a bona tsohle tseo Baiseraele ba di entseng ho Baamore.


Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha ba nkile tjhelete ya bonohe. Ba fihla ho Bileame, mme ba mo phetela molaetsa wa Balake.


“Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.


Bonang, monna e mong wa bana ba Iseraele a tlisa mosadi wa Momidiane ho bana babo, moo Moshe a ntseng a bona, le moo setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se ntseng se bona, se ntse se lla se le monyakong wa Tente ya Morena.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole.


Jwale o bona eka o feta Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, ka eng? Na o kile a tsekisana le Baiseraele, kapa na o kile a ba lwantsha?


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.