La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 21:4 - BIBELE

Ho tloha thabeng ya Hore ba tsamaya ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka, hore ba kekolohe naha ya Edomo. Setjhaba sa fellwa ke mamello tseleng.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba tloha thabeng ya Hore ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, ba pota naha ya Edomo. Tseleng, setjhaba sa fellwa ke pelo, mme batho ba bua hampe ka Modimo le ka Moshe, ba re:

Ver Capítulo



Numere 21:4
14 Referencias Cruzadas  

Jehoshafate a ba a botsa, a re: “Re tla nka tsela efe ha re futuha?” Jorame a araba, a re: “Re tla nka tsela ya lehwatata la Edomo.”


Moshe a bua tjena ho bana ba Iseraele, empa ha ba a ka ba mo mamela, ka baka la ho nyahama dipelo, le ka baka la bokgoba bo thata.


Kaha Baamaleke le Bakanana ba ahile ka kgohlong ya naha eo, hosasane lona le kgelohe, le lebe lehwatateng, ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka.”


Moshe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Moo setjhaba sohle se ntseng se bona, ba nyolohela thabeng ya Hore.


Le nyahamisetsang dipelo tsa bana ba Iseraele, hore ba se ke ba ya naheng eo Morena a ba neileng yona?


Ba ne ba nyolohe ho ya fihla Kgohlong ya Eshekole, mme ha ba bona naha eo, ba nyahamisa dipelo tsa bana ba Iseraele hore ba kene naheng eo Morena a ba neileng yona.


Ha ba tloha thabeng ya Hore, ba ya hloma Salemona.


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Empa ha e le lona, kgutlang, le boele lehwatateng ka tsela ya Lewatle la Lehlaka.’


“Jwale ra thinya, ra nka leeto le lebang lehwatateng, ra ya ka tsela ya Lewatle la Lehlaka, jwalokaha Morena a ne a buile ho nna. Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re potoloha thaba ya Seire.


“Jwale ba tsamaya hara lehwatata, ba kekoloha naha ya Edomo, le naha ya Moabe, ba ya fihla ka botjhabela ho naha ya Moabe, ba hloma kamose wane ho Arenone. Empa ha ba a ka ba kena moeding wa Moabe, hobane Arenone e ne e le yona moedi wa Moabe.