Jwale Modimo a tutubolla mahlo a Hagare, yaba o bona sediba; a ya ho sona, a tlatsa lekuka ka metsi, a le nea moshanyana, a nwa.
Numere 21:16 - BIBELE Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya Sedibeng. Ke sona sediba seo Morena a ileng a bua ho Moshe ka sona, a re: “Bokanya setjhaba kaofela, mme ke tla se fa metsi.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tloha moo, ba ya Beere. Ke ka sediba seo Jehova a itseng ho Moshe: Bokella setjhaba, mme ke tla se fa metsi. |
Jwale Modimo a tutubolla mahlo a Hagare, yaba o bona sediba; a ya ho sona, a tlatsa lekuka ka metsi, a le nea moshanyana, a nwa.
Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona.
Mokgosi wa bona o hoballa, ho ya fihla meeding ya Moabe, seboko sa bona se fihla Egelaime, sello sa bona se fihle le Beere-Elime.
Phoofolo tse hlaha di a ntlhompha, diphokojwe le dimpshe di a nthorisa, hobane didiba ke di tjheka lehwatateng, dinoka di phalle naheng e omeletseng, ho nyorolla tjhaba sa ka, bakgethwa ba ka.
Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.
“Nka molamu ona, mme o bokanye setjhaba, wena le moholwane wa hao Arone. Moo se ntseng se bona, o laele lefika lena hore le kolle metsi. O tla etsa hore lefika le kolle metsi, setjhaba sohle, le diphoofolo tsa sona, se tle se nwe.”
Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”
athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”
A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela.
Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.
Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.
Jotame a matha, a baleha, a ya Beere. A aha teng ka baka la ho tshaba Abimeleke, ngwanabo.