Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ba tloha moo, ba ya Beere. Ke ka sediba seo Jehova a itseng ho Moshe: Bokella setjhaba, mme ke tla se fa metsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya Sedibeng. Ke sona sediba seo Morena a ileng a bua ho Moshe ka sona, a re: “Bokanya setjhaba kaofela, mme ke tla se fa metsi.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:16
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o tutubolla mahlo a hae, mme a bona sediba sa metsi; a ya, a tlatsa sehwana, a nwesa ngwana.


Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe; o tla tea lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, sesetjhaba se nwe. Moshe a etsa jwalo pontsheng ya baholo ba Iseraele.


Le tla ikgella metsi ka thabo didibeng tsa poloko;


Hobane mekgosi e potile naha ya Moabe; mehoo ya teng e utlwahala Eglaime, dillo di fihlile Beer-Elime.


Dibatana tsa naha, le diphokojwe, le dimpshe di tla nteboha, hobane ke hlahisitse metsi naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng, ho nosa setjhaba sa ka seo ke ikgethetseng sona.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.


Ba tloha Dibone-Gade, ba emisa Almone-Diblathaime.


Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.


Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


Yaba Jothame o tloha, a baleha, a ya Beere, mme a dula teng ke ho tshaba Abimeleke ngwanabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos