Pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le podi ya nyehelo e tlosang sebe, tseo madi a tsona a ileng a tliswa ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, di tla iswa kantle ho diahelo. Matlalo a tsona, le nama ya tsona, le moswang wa tsona, di tjheswe ka mollo.
“Ya rohakaneng eo, mo ntshetseng kantle ho diahelo, mme bohle ba mo utlwileng ha a rohakana ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya hae, ebe setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe.
ke ho re pohwana yohle, tsena tsohle o tla di nkela kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng, thotobolong, a di tjhesetse teng ka patsi, a di tjhesetse thotobolong.’ ”
“Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, a o qhalle kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng. Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa ke setjhaba sa bana ba Iseraele, ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa. Ke nyehelo e tlosang sebe.
Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng.
“Laela bana ba Iseraele hore ba leleke balepera bohle kahara diahelo, le bohle ba nang le seso se qhitsang lero, le bohle ba silafaditsweng ke ho ama setopo.