Numere 19:10 - BIBELE Ya ileng a bokella molora ona wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho bana ba Iseraele, le ho mojaki ya jakileng hara bona.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ke metsi a etsang pheko. Ya bokeletseng molora wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bana ba Iseraele le ho moditjhaba ya jakileng hara bona. |
Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.
“Mang kapa mang ya kenang ka tlung eo ha e sa ntsane e kwetswe, o tla silafala ho fihlela ka phirimana.
Ya di tjhesang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamora moo a kene ka diahelong.”
Ka letsatsi la boraro le la bosupa, monna eo ya hlwekileng o tla foka enwa ya sa hlwekang, mme a mo hlwekise ka letsatsi la bosupa. Monna enwa ya sesila jwale o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme ka phirimana o tla be a hlwekile.
“Ona ke molao wa bona wa mehla yohle. Ya fokang ka metsi a ho itlhwekisa, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amang metsi a tlhwekiso o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.
Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.