Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 19:19 - BIBELE

19 Ka letsatsi la boraro le la bosupa, monna eo ya hlwekileng o tla foka enwa ya sa hlwekang, mme a mo hlwekise ka letsatsi la bosupa. Monna enwa ya sesila jwale o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme ka phirimana o tla be a hlwekile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Monna eo ya hlwekileng o tla foka ya sa hlwekang ka tsatsi la boraro le la bosupa, mme o tla mo hlwekisa ka tsatsi la bosupa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; mme mantsiboya o tla hlweka.

Ver Capítulo Copiar




Numere 19:19
18 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


Moprista o tla foka motho eo ya hlwekiswang hasupa. O tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. O tla tlohela nonyana e phelang hore e fofele naheng.


Ka letsatsi la bosupa o tla beola moriri wa hae kaofela, le ditedu tsa hae, le dintshi tsa hae, le moriri wohle wa hae. O tla hlatswa le diaparo tsa hae, a tolle ka metsing; jwale e tla ba o hlwekile.”


O tla itlhwekisa ka metsi ao ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, mme jwale e tla ba o hlwekile.


Mang kapa mang ya amang setopo, eba ha a itlhwekise, o silafatsa Tente ya Morena. Motho ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele, hobane ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa. O tla ba sesila, mme sesila sa hae se tla sallana le yena.


Ba tla nka lehlaku la hisopa, ba le ine metsing, ebe monna ya hlwekileng o foka ka wona hodima tente, le hodima tsohle, le hodima bohle ba moo, le hodima monna eo ya ileng a ama lesapo kapa motho ya bolailweng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lebitla.


“Mang kapa mang ya bolaileng motho, le mang kapa mang ya amileng setopo, o tla dula kantle ho diahelo ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la boraro, le ka letsatsi la bosupa, lona, le bathopuwa ba lona, le tla itlhwekisa.


Ka letsatsi la bosupa le tla hlatswa diaparo tsa lona, mme le tla hlweka; kamorao ho moo le tla kena diahelong.”


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos