Numere 17:12 - BIBELE Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile! Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bana ba Iseraele ba re ho Moshe: Bona, re a shwa, re a fela, re fela kaofela! |
Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng.
Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”
Ho yena, le ho ditloholo tsa hae, selekane sena e tla ba sa boprista kamehla yohle, hobane o ile a boulella Modimo wa hae, a etsetsa bana ba Iseraele tefelo ya sebe.’ ”
mme le se le lebetse mantswe a kgothatsang, a builweng ho lona le le bana ba Modimo, a reng: “Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya;