Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 17:11 - BIBELE

11 Moshe a etsa jwalo. A etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Moshe a etsa jwalo; a fela a etsa ka taelo eo Jehova a mo neileng yona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 17:11
6 Referencias Cruzadas  

Ra ditaba di ka ba teng pakeng tsa bana babo lona ba phelang metseng, ebang ke tsa tshollo ya madi, kapa tse amanang le molao, kapa ditaelo, kapa ditemoso, kapa melawana, le ba hlokomedise hore ba se ke ba sitelwa Morena, mme lona, le bana babo lona, Morena a ke ke a le halefela. Etsang jwalo, mme le ke ke la ba le molato.


“Jwale a hlabe podi ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya setjhaba, a tlise madi a yona kamora lesira. Ka madi a yona a etse jwalokaha a ile a etsa ka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, le kapele ho sona.


O tla hlwekisa Sehalalelo ka baka la ho se hlweke ha bana ba Iseraele, le ka baka la ditlolo tsa bona le dibe tsa bona tsohle. Le Tente ya Morena, e hlomilweng hara bona ba sa hlweka, a e hlwekise.


Yare ba sa ntse ba lomme nama, ba eso e hlafune le ho e hlafuna, kgalefo ya Morena ya ba laimela, Morena o otla setjhaba ka sewa se tshabehang.


Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”


Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos