Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 17:10 - BIBELE

10 Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.

Ver Capítulo Copiar




Numere 17:10
23 Referencias Cruzadas  

A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae.


Jwale Moshe a re: “Seo Morena a se laetseng ke sena: ‘Tlatsang dilethara tse pedi ka manna, le a bolokele ditloholo tsa lona, e le hore di tle di bone bohobe boo ke ileng ka le fepa ka bona lehwatateng, hoba ke le ntshe naheng ya Egepeta.’ ”


Arone a etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, a bea nkgo pela matlapa a ngotsweng Molao, hore e bolokwe.


Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.


“Wena Iseraele, haesale o etsa sebe, o se entse ho tloha mehleng ya Gibea, bofetohedi ba hao bo qala moo Gibea, hona moo Gibea ntwa e tla o kgaoletsa teng.


Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho kapele ho phutheho yohle ya setjhaba sa bana ba Iseraele.


“Ikarohanyeng le setjhaba sena le tswe hara sona, ke tle ke se timetse ka ho panya ha ntshi.”


Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.”


Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.


Moshe a etsa jwalo. A etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Melamu ena o e bee ka Tenteng ya Morena, kapele ho areka ya selekane, e leng moo ke kopanang le wena teng.


Moshe a tlisa melamu yohle e tswang kapele ho Morena, a e bea kapele ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, mme sa e tadima. Monna e mong le e mong a nka molamu wa hae.


Moshe a nka molamu o neng o le kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


“Le hlokomele hore ba leloko la Kohate ba se ke ba fela hara Balevi.


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng.


Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena.


“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena,


Jwale banna bohle ba kgopo, ba lekgonatha hara bao Davida a neng a ile le bona, ba re: “Kaha ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa letho kgapong eo re tlang le yona, haese hore monna ka mong a ka nka mosadi wa hae, le bana ba hae, a tsamaya le bona, a itlheka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos