Ha motho ya bohlale a qosana le ya sethoto, leha ya sethoto a ka halefa, kapa a tsheha, kgotso e ke ke ya eba teng.
Numere 16:12 - BIBELE Moshe a romela hore ho yo bitswa Datane le Abirame, bara ba Eliabe, empa bona ba re: “Ha re ka ke ra tla! Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o romela ho ya bitsa Dathane le Abirame, bara ba Eliabe; empa ba re: Re ke ke ra ya; |
Ha motho ya bohlale a qosana le ya sethoto, leha ya sethoto a ka halefa, kapa a tsheha, kgotso e ke ke ya eba teng.
Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla.
Kora, mora wa Isihare, mora wa Kohate, mora wa Levi, a ena le Datane le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora wa Pelete, e leng bara ba Rubene;
Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”
Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, ho tla re bolaela lehwatateng moo? Jwale o so ikentse mmusi wa rona?
Ka mokgwa o jwalo le bona batho bana ba lorang, ba silafatsa mmele ya bona, ba nyedisa borena ba Modimo, ba nyefola mangeloi a tlotlehang.